Monetary Policy Committee (MPC) Statement of the 27th November, 2018
November 27, 2018Monetary Policy Committee (MPC) Statement of the 28 May, 2019
May 28, 2019The Governor of Central Bank of Lesotho addressed the media on a joint press conference on 24th December 2018 to highlight state of affairs on issues related to Forex Trading by Hlazville. She was joined by the First Deputy Governor – Dr Masilo Makhetha, Second Deputy Governor – Ms.‘Mathabo Makenete, Mr. Borotho Matsoso, Head of Directorate on Corruption and Economic Offence, Mrs. Palesa Khabele – Head of Financial Intelligence Unit, and ACP Mokete – Head of CID – Lesotho Mounted Police and Director of Coporate Affairs – Mr, Napo Rantsane who all emphasised the need to observe the rule of law in the running of Forex trading businesses.
HO BOPHATLALATSI BA LITABA
Sechaba se hlokomelisoa hore Banka e Kholo ea Lesotho (CBL), Sepolesa sa Lesotho (LMPS) le Lekhotla la Thibelo le Toantšo ea Bobolu le Bomenemene (DCEO) li etse hloko ’moka oa bophatlalatsi ba litaba o ileng oa tšoaroa ke khoebo e ipitsang Hlazvill Forex Trading, ka la 19 Tšitoe 2018, AME Hall, Maseru, mabapi le khoebo ea Forex Trading. Litsi tse sebetsanang le litaba tsena li lakatsa ho otlolla taba, le ho fa sechaba ’nete ea litaba kamoo li leng kateng ho fihlela ha joale. Sechaba se tla hopola hore Banka e Kholo ea Lesotho e ile ea etsa tlhokomeliso ho sona ka likhoebo tsa Forex Trading ho tloha ka Loetse selemong sa 2016. Polelong tseo, sechaba se ile sa hlokomelisoa hore Banka ha eea fana ka tumello ho mang kapa mang ho etsa khoebo ea Forex Trading.
Sechaba se boetse sa hlokomelisoa hore se batle bopaki ba lengolo la khoebo ea chelete (Licence) ho litsi kapa likhoebo tse joalo pele se ka tsetela chelete ea sona. Sechaba se ile sa hlokomelisoa hape hore se tlalehele Banka e Kholo moo se hlokomelang hona le batho kapa likhoebo tse nkang chelete ea sechaba li hoeba ka Forex Trading li sena mangolo a ho etsa joalo. Banka e Kholo e ile ea fana ka taelo ho litsi le likhoebo tse joalo ho emisa hang-hang ho nka lichelete tsa sechaba. DD MM YYYY Banka e Kholo e boetse ea tsoelapele ho lemosa sechaba ka lia-le-moea (Radio), seea-le–moea pono (Television), maselinyana (newspapers), marang-rang (CBL Website) le mekhoa e meng ea puisano ho eletsa sechaba ho qoba ka hohle ho tsetela lichelete tsa sona le litsi tse sa ngolisoang ka molao ho hoeba ka lichelete.
Ho tlile tlhokomelong ea Banka e Kholo ea Lesotho, Sepolesa sa Lesotho le Lekhotla la Toantšo ea Bobolu le Bomenemene hore hona le khoebo ea Mosotho ea bitsoang Tumelo Hlazi e ngolisitsoeng ele Hlazvill Consultancy, feela e ipitsa Hlazvill Forex Trading, e nkileng chelete ea sechaba ka tšepiso ea ho e busetsa mmoho le tsoala khahlanong le melao e tsamaisang lichelete le ho thibela ho hlatsoa chelete, joalo ka Financial Institutions Act, 2012, Money Laundering and Proceeds of Crime Act, 2008 le Penal Code Act, 2010.
Sepolesa sa Lesotho se ile sa nka likhato tse lokelehang tsa molao, moo Tumelo Hlazi a bileng a hlaha kapele ho lekhotla la molao ka la 15 Pulungoana 2018, a qosoa ka ho amohela lichelete tsa Sechaba khahlanong le temana ea bohlano ea molao o tsamaisang litsi tse hoebang ka chelete (Section 5 of Financial Institutions Act, 2012). Ho feta moo, hona le nyeoe e ‘ngoe ea tsekisano (civil case) e ntseng e amana le litaba tsena. Taba-kholo nyeoeng ena ke pusetso ea chelete ho batseteli ho ipapisitsoe le melao e amang litaba tsena, kamorao ho hore makhotla a netefatse hore chelete e joalo e fela e le teng. Ngongoreho ea litsi tsena tse sebetsanang le taba ena, ke hore e kanna eaba Basotho ba se ba lahlehetsoe ke chelete ea bona. Ka hona, hoa lokela hore makhotla a ithute litaba tsena ‘me a etse qeto e ikamahantseng le melao ea Lesotho. Linyeoe tsena ka bobeli li ntse li tsoela pele.
Sechaba se tla tseba liqeto tsa makhotla ha ho phethetsoe. Bakeng sa lipotso le litlhakisetso, letsetsa: 22232094/22232461.